Search This Blog

Monday 1 August 2011

Knowledge management practice made easy for a Mosotho

Sehlooho: Tacit Knowledge VS Explicit Knowledge within the Context of Lesotho
Ke papiso ea lintlha tse peli:
“Tsebo /leseli le sa hlapanyetsoang (informal/Personal knowledge) khahlanong le Tsebo/leseli le hlapanyelitsoeng ka molao re ipapisitse ka tse etsahalang Lesotho ka kotloloho”.
Ntumelle ke hlalose lintlha tsena ka bo’ngoe:
Tacit Knowledge :( informal) ke thuto /Tsebo e tho’ngoeng ke Professor Micheal Polanyi (1891-1976) bukeng ea hae e ngotsoeng ka 1966 e bitsoang: “The Tacit Dimension” ore “we can know more that we can tell”. “Re ka tseba haholo seo re ka se bolelang ka molomo”. Puisanong ea hao moqebelong o mong le Ntate ‘Mokela ho ile hoa hlahella taba eo le sa e lemohang bobeling ba lona hore e bohlokoa lenaneong lena, ha Ntate ‘Mokela are: “in every person there is a potential”. Tacit knowledge ke Tsebo e ikhethang enang le libopeho tse patehileng. Motho ha a lemohe bohlale boo anang le bona bo nang le ts’usumetso le bohlokoa ho batho ba bang. Bohlale ba tlhaho bo se nang bopaki bo ngotsoeng. Re ka rehella motho ka hore ona le boiphihlelo, bohlale, maqiti le malebaleba empa ho se letho leo re ka le supang le ngotsoeng. Tacit knowledge e ka pakahatsoa ka “the Know-how”- as opposed to “the know-what” (facts), “the know why” (science) or “the know who” (Networking). E theha “ knowledge carriers”
Explicit knowledge-(Formal training) - Tsebo e hlophehileng ka molao ka tatellano, e tsoalang khokahano ea lintlha tse itseng ho bopa moelelo oa ntho tse peli ho isa ho tse ngata li hlaloseha e le ketane e bopang Tsebo ea moshoelella. Feela phapano ea teng le tacit ke moo re fumanang litaba tse ngotsoeng le tse bolokehile hantle molemong oa ho libala ka nako e telele. Lingoliloeng/libuka, li-recoto ka lipalo, moliko oa libuka, lipalo ha li hokahantsoe ha ‘moho( mathematical formulas) –li-data-base joalo joalo. Explicit knowledge is easy to communicate, store and distribute. Bohlale ba sekolo le litsi tsa thupelo ea boemo bo holimo ba thuto. Explicit e theha “Knowledge assets”. Information available 24/7. Letlotlo la Tsebo/leseli
Sehlooho sena ke motheo oa ntho e bitsoang: “The Knowledge
Management approach”. Ha ke tsebe haeba li-Company tsa Lesotho li nale “the Knowledge Management approach”.
Libuka tse ka bang hlano kaofela li ka thusa boemong bona.

Haeba u ntumella: ke arolelane le oena taba tsa Obama: tsa Mantaha oa la 13th July 2009 Republic of Ghana( Parliament): “Development depends on good governance, and that is the ingredient which has been missing in far too many Countries in Africa. That’s change which can unlock African potential through the effective combination of tacit competencies and explicit competencies, but that is the responsibility which must be met by Africans. Africa’s future is up to Africans”.

E hlophisitsoe ke Ts’olo oa Mafeteng.

No comments:

Post a Comment